BIBELE e Halalelang

Numere 33:4-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. ha Baegepeta ba ntse ba epela matsibolo wohle, ao Jehova a a bolaileng hara bona, mohla Jehova a neng a hlahise dikahlolo hodima medimo ya bona.

5. Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba emisa Sukkothe.

6. Ba tloha Sukkothe, ba emisa Ethame, pheletsong ya lefeella.

7. Ba tloha Ethame, ba kgelohela nqa Pi-Hahirothe, malebana le Baale-Tsefone, mme ba emisa pela Migdole.

8. Ba tloha Pi-Hahirothe, ba fetela ka nqa lefeelleng ba tshetse lewatle; ba tsamaya matsatsi a mararo feelleng la Ethame, ba emisa Mara.

9. Ba tloha Mara, ba fihla Elime; teng, Elime, ho ne ho le didiba tse leshome le metso e mmedi tsa metsi, le difate tsa dipalema tse mashome a supileng; mme ba emisa teng.

10. Ba tloha Elime, ba emisa pela Lewatle le Lefubedu.

11. Ba tloha Lewatleng le Lefubedu, ba emisa feelleng la Sine.

12. Ba tloha feelleng la Sine, ba emisa Dofka.

13. Ba tloha Dofka, ba emisa Alushe.

14. Ba tloha Alushe, ba emisa Refidime, moo setjhaba se sa kang sa fumana metsi a ho nwa.

15. Ba tloha Refidime, ba emisa feelleng la Sinai.

16. Ba tloha feelleng la Sinai, ba emisa Kibrothe-Hattaava.