BIBELE e Halalelang

Numere 32:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ba eketsa ba re: Haeba re fumane mohau pela mahlo a hao, naha eo e ke e newe bahlanka ba hao, ba e rue; o se ke wa re tshedisa Jordane.

6. Moshe a araba bara ba Gade le bara ba Rubene, a re: Hleka banababo lona ba tla ya ntweng, lona le setse kwano na?

7. A ke ka baka lang le ratang ho nyebisa bana ba Iseraele ho tshelela naheng eo Jehova a ba neileng yona?

8. Bontata lona ba entse jwalo mohla ke ba romileng ho lekola naha, re le Kadeshe-Barnea.

9. Ba nyoloha ho fihlela sekgutlong sa Eshkole; eitse hobane ba hlwele naha, ba nyebisa bana ba Iseraele ho ya naheng eo Jehova a neng a ba neile yona.

10. Mme bohale ba Jehova ba tuka ka tsatsi leo, mme a hlapanya, a re:

11. Batho bana ba tswileng Egepeta, ho qala ka ya nang le dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo, ba ke ke ba bona naha eo ke hlapantseng, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; hobane ha ba ka ba nkgomarela hantle;

12. haese Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, le Joshua, mora Nune, ba ileng ba kgomarela Jehova hantle.

13. Bohale ba Jehova ba tukela Iseraele; a ba dikadikisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ha ba ha timela moloko wohle wa bao ba neng ba entse bobe pela mahlo a Jehova.

14. Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.

15. Hobane ha le mo kgeloha, o tla nne a tlohelle Iseraele feelleng, mme le tla biletsa setjhaba sena timelo.

16. Yaba ba atamela Moshe, ba re: Re tla hahela mehlape ya rona masaka mona, le bana ba rona metse;