BIBELE e Halalelang

Numere 32:30-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Empa ha ba sa ye le lona ba hlometse, ba tla aha hammoho le lona naheng ya Kanana.

31. Bara ba Gade le bara ba Rubene ba araba, ba re: Re tla etsa kamoo Jehova a boleletseng bahlanka ba hao kateng.

32. Re tla feta re hlometse pela Jehova naheng ya Kanana; re mpe re rue lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane.

33. Moshe a nea bara ba Gade, le bara ba Rubene, le halofo ya moloko wa Manasse, mora Josefa, mmuso wa Sihone, morena wa Baamore, le mmuso wa Oge, morena wa Bashane, le lefatshe le metse ya lona, le yona naha ya metse e ka nqa tsohle.

34. Bara ba Gade ba haha Dibone, le Atharothe, le Aroere,

35. le Athrothe-Shofane, le Jaesere, le Jogbeha, le Bethe-Nimra, le Bethe-Harane,

36. metse e dikilweng ka marako, mme ba hahela mehlape masaka.

37. Bara ba Rubene ba haha Heshbone, le Eleale, le Kiryathaime; Nebo le Baale-Meone, eo ba e reileng mabitso asele, le Sibma;

38. mme ba rea metse eo ba e hahileng mabitso.

39. Bara ba Makire, mora Manasse, ba futuhela metse ya Gileade, mme ba e hapa; ba lelekisa Baamore, ba neng ba ahile teng.

40. Moshe a nea Makire, mora Manasse, Gileade, mme a aha teng.

41. Jaire, mora Manasse, a futuha, mme a hapa metse, a e bitsa Havvoth-Jaire.

42. Nobake le yena a ya, a hapa motse wa Kenathe le metsana ya teng, mme a o rea Nobake ka lebitso la hae.