BIBELE e Halalelang

Numere 32:23-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.

24. Hahelang bana ba lona metse, le mehlape ya lona masaka, mme le etse ka tse tswileng melomong ya lona.

25. Bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: Bahlanka ba hao ba tla etsa seo monghadi wa rona a se laetseng.

26. Ho tla sala metseng ya Gileade bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona;

27. mme bahlanka ba hao, bohle, ba hlomeletseng ntwa, ba tla ya lwana pela Jehova, kamoo monghadi wa rona a boletseng kateng.

28. Bakeng sa bona, Moshe a laela Eleasare moprista, le Joshua mora Nune, le dihlooho tsa matlo a meloko ya bana ba Iseraele, a re ho bona:

29. Ha bara ba Gade le bara ba Rubene ba tshela Jordane le lona, ba hlomeletse ho lwana pela Jehova ho fihlela ha naha e bewa tlasa lona, le tla ba nea naha ya Gileade, ba e rue.

30. Empa ha ba sa ye le lona ba hlometse, ba tla aha hammoho le lona naheng ya Kanana.

31. Bara ba Gade le bara ba Rubene ba araba, ba re: Re tla etsa kamoo Jehova a boleletseng bahlanka ba hao kateng.

32. Re tla feta re hlometse pela Jehova naheng ya Kanana; re mpe re rue lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane.

33. Moshe a nea bara ba Gade, le bara ba Rubene, le halofo ya moloko wa Manasse, mora Josefa, mmuso wa Sihone, morena wa Baamore, le mmuso wa Oge, morena wa Bashane, le lefatshe le metse ya lona, le yona naha ya metse e ka nqa tsohle.

34. Bara ba Gade ba haha Dibone, le Atharothe, le Aroere,

35. le Athrothe-Shofane, le Jaesere, le Jogbeha, le Bethe-Nimra, le Bethe-Harane,

36. metse e dikilweng ka marako, mme ba hahela mehlape masaka.

37. Bara ba Rubene ba haha Heshbone, le Eleale, le Kiryathaime; Nebo le Baale-Meone, eo ba e reileng mabitso asele, le Sibma;

38. mme ba rea metse eo ba e hahileng mabitso.

39. Bara ba Makire, mora Manasse, ba futuhela metse ya Gileade, mme ba e hapa; ba lelekisa Baamore, ba neng ba ahile teng.