BIBELE e Halalelang

Numere 32:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bara ba Rubene le bara ba Gade ba ne ba ruile mehlape e mengatangata; ba bona hoba naha ya Jaesere le ya Gileade di tshwanela mehlape.

2. Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, le ho moprista Eleasare, le ho marena a phutheho, ba re ho bona:

3. Atharothe, Dibone, Jaesere, Nimra, Heshbone, Eleale, Sebame, Nebo, le Beone,

4. naha eo Jehova a e otlileng pela phutheho ya Iseraele, ke lefatshe le tshwanelang mehlape, mme bahlanka ba hao ba na le mehlape.

5. Ba eketsa ba re: Haeba re fumane mohau pela mahlo a hao, naha eo e ke e newe bahlanka ba hao, ba e rue; o se ke wa re tshedisa Jordane.

6. Moshe a araba bara ba Gade le bara ba Rubene, a re: Hleka banababo lona ba tla ya ntweng, lona le setse kwano na?

7. A ke ka baka lang le ratang ho nyebisa bana ba Iseraele ho tshelela naheng eo Jehova a ba neileng yona?

8. Bontata lona ba entse jwalo mohla ke ba romileng ho lekola naha, re le Kadeshe-Barnea.

9. Ba nyoloha ho fihlela sekgutlong sa Eshkole; eitse hobane ba hlwele naha, ba nyebisa bana ba Iseraele ho ya naheng eo Jehova a neng a ba neile yona.

10. Mme bohale ba Jehova ba tuka ka tsatsi leo, mme a hlapanya, a re:

11. Batho bana ba tswileng Egepeta, ho qala ka ya nang le dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo, ba ke ke ba bona naha eo ke hlapantseng, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; hobane ha ba ka ba nkgomarela hantle;

12. haese Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, le Joshua, mora Nune, ba ileng ba kgomarela Jehova hantle.

13. Bohale ba Jehova ba tukela Iseraele; a ba dikadikisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ha ba ha timela moloko wohle wa bao ba neng ba entse bobe pela mahlo a Jehova.

14. Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.

15. Hobane ha le mo kgeloha, o tla nne a tlohelle Iseraele feelleng, mme le tla biletsa setjhaba sena timelo.