BIBELE e Halalelang

Numere 30:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela.

9. Boikano ba mosadi wa mohlolohadi, kapa ba ya hladilweng, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya bakeng sa hae.

10. Ha ekaba mosadi ya seng a le tlung ya monna wa hae a ikana, kapa a itlama ka kano,

11. monna wa hae, mohla a utlwang tseo, ha a ikgutsetsa pela hae, a sa mo nyatse, maikano wohle a hae a tla tiya, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya.

12. Empa ha monna wa hae a di fedisa ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a ikanneng ka tsona le tseo a itlamileng ka tsona, e tla ba tse sa tiyang, hobane monna wa hae o di fedisitse; mme Jehova o tla mo tshwarela.

13. Boitlamo bofe le bofe, kapa boikano bofe le bofe boo mosadi wa hae a itlamileng ka bona ho hlomola moya wa hae, monna wa hae a ka nna a bo tiisa, kapa a bo fedisa.

14. Ha monna wa hae a ikgutsetsa pela hae ka tsatsi le leng le le leng, o fela a tiisa jwalo maikano wohle a hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona; o a di tiisa kahobane o ikgutseditse pela hae ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona.

15. Empa ha a di fedisa ho se ho fetile letsatsi leo a di utlwileng ka lona, o tla jara molato wa mosadi wa hae.

16. Ke yona melao eo Jehova a e laetseng Moshe bakeng sa monna le mosadi wa hae, le bakeng sa motswadi le moradi wa hae, ha eo a sa le motjha tlung ya ntatae.