BIBELE e Halalelang

Numere 30:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Moshe a bua le marena a meloko ya bana ba Iseraele, a re: Ke sena se laelwang ke Jehova:

2. Etlere ha motho a ikanne ho Jehova, kapa ha a itlamile ka kano hore o tla etsa hore hoitseng, a se ke a kwenehela lentswe la hae, a mpe a etse tsohle tseo a di boletseng ka molomo wa hae.

3. Etlare ha mosadi a ikanne ho Jehova, a itlamile e le yena ka hore hoitseng a le ka tlung ya ntatae le botjheng ba hae,

4. ha ntatae a utlwa boikano ba hae le kamoo a itlamileng kateng, ha ntatae a ikgutsetsa pela hae, boikano bohle ba hae bo tla tiya, le tseo a itlamileng ka tsona di tla tiya;

5. empa ha ntatae a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, boikano bohle ba hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di ke ke tsa tiya; mme Jehova o tla mo tshwarela, kahobane o tla be a nyatsitswe ke ntatae.

6. Etlare hoba mosadi a nyalwe a se a ikanne kapa a itlamile ka lentswe le leng le phonyohileng molomong wa hae,

7. ha monna wa hae, mohla a utlwang tseo, a ikgutsetsa pela hae ka lona tsatsi leo a di utlwileng ka lona, boikano ba hae bo tla tiya, le tseo a itlamileng ka tsona di tla tiya;

8. empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela.

9. Boikano ba mosadi wa mohlolohadi, kapa ba ya hladilweng, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya bakeng sa hae.

10. Ha ekaba mosadi ya seng a le tlung ya monna wa hae a ikana, kapa a itlama ka kano,