BIBELE e Halalelang

Numere 3:39-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

39. Ba ngotsweng ba Balevi bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo ya Jehova, ka matlo a bona, ha ho teanngwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

40. Jehova a re ho Moshe: Ngola mabitso wohle a matsibolo a matona a bana ba Iseraele, ho qala ka ya nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ya fetang moo, o nke palo ya mabitso a wona.

41. O kgethele nna, ke leng Jehova, Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le dikgomo tsa Balevi bakeng sa matsibolo wohle a dikgomo tsa bana ba Iseraele.

42. Moshe a fela a ngola matsibolo wohle a bana ba Iseraele, kamoo Jehova a mo laetseng kateng;

43. palo ya matsibolo a matona, e leng palo ya mabitso a ba kgwedi e le nngwe le a ba fetang moo, kamoo a kileng a ngolwa kateng, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, tse nang le makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro.

44. Jehova a bua le Moshe, a re:

45. O nke Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le dikgomo tsa Balevi bakeng sa dikgomo tsa bona, hore Balevi e be ba ka. Ke nna Jehova.

46. Haele ka topollo ya matsibolo a makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro a bana ba Iseraele a fetileng palo ya Balevi, o nke dishekele tse hlano ka hlooho e nngwe le e nngwe;

47. o di nke ka tjhelete ya sehalalelo, e leng ka shekele ya digera tse mashome a mabedi.

48. O tla nea Aarone le bara ba hae tjhelete e lopollang matsibolo a fetileng palo ya Balevi.

49. Moshe a nka tjhelete e lopollang ba fetang palo ya ba seng ba lopolotswe ya Balevi,

50. mme hodima matsibolo ana a bana ba Iseraele, a nka dishekele tse kete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng a metso e mehlano, e leng dishekele tsa sehalalelo;

51. Moshe a nea Aarone le bara ba hae tjhelete eo ya topollo, a ba nea yona ka taelo ya Jehova, le kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng.