BIBELE e Halalelang

Numere 3:37-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. le ditshiya tsa lebala le teetseng tabernakele hare le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa yona le dikgwele tsa yona.

38. Ba neng ba hloma ka nqa kapele ho tabernakele, ka nqa botjhabela, pela tente ya pokano, ka nqa botjhabatsatsi, e ne e le Moshe, le Aarone, ka bara ba hae, e leng bona ba baballelang bana ba Iseraele dintho tsa sehalalelo; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.

39. Ba ngotsweng ba Balevi bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo ya Jehova, ka matlo a bona, ha ho teanngwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

40. Jehova a re ho Moshe: Ngola mabitso wohle a matsibolo a matona a bana ba Iseraele, ho qala ka ya nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ya fetang moo, o nke palo ya mabitso a wona.

41. O kgethele nna, ke leng Jehova, Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le dikgomo tsa Balevi bakeng sa matsibolo wohle a dikgomo tsa bana ba Iseraele.

42. Moshe a fela a ngola matsibolo wohle a bana ba Iseraele, kamoo Jehova a mo laetseng kateng;

43. palo ya matsibolo a matona, e leng palo ya mabitso a ba kgwedi e le nngwe le a ba fetang moo, kamoo a kileng a ngolwa kateng, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, tse nang le makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro.

44. Jehova a bua le Moshe, a re:

45. O nke Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le dikgomo tsa Balevi bakeng sa dikgomo tsa bona, hore Balevi e be ba ka. Ke nna Jehova.

46. Haele ka topollo ya matsibolo a makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro a bana ba Iseraele a fetileng palo ya Balevi, o nke dishekele tse hlano ka hlooho e nngwe le e nngwe;

47. o di nke ka tjhelete ya sehalalelo, e leng ka shekele ya digera tse mashome a mabedi.

48. O tla nea Aarone le bara ba hae tjhelete e lopollang matsibolo a fetileng palo ya Balevi.

49. Moshe a nka tjhelete e lopollang ba fetang palo ya ba seng ba lopolotswe ya Balevi,