BIBELE e Halalelang

Numere 3:3-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ke wona ao mabitso a bara ba Aarone, baprista ba tlotsitsweng, ba kgethetsweng mosebetsi wa boprista.

4. Empa Nadabe le Abihu ba eshwa pela sefahleho sa Jehova, lefeelleng la Sinai, mohla ba hlahisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova; ba ne ba se na bara; ke ka baka leo boEleasare le Ithamare ba kileng ba tshwara boprista pela Aarone, ntata bona.

5. Jehova a bolella Moshe, a re: Atametsa ba leloko la Levi, o ba emise pela Aarone, moprista, hore ba mo sebeletse.

6. Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,

7. ba di boloke pela tente ya pokano, ha ba ntse ba phetha tshebetso ya tabernakele.

8. Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.

9. O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.

10. O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.

11. Jehova a bua le Moshe, a re: