BIBELE e Halalelang

Numere 3:23-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Ba matlo a Gershone ba ne ba hloma tente tsa bona kamora tabernakele, ka nqa Bophirimela.

24. Morena wa ntlo ya bontata Bagershone e ne e le Eliasafe, mora Laele.

25. Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,

26. le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.

27. Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.

28. Ha ho balwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse robileng meno e le mmedi, tse nang le makgolo a tsheletseng, ba baballang dintho tsa sehalalelo.

29. Ba matlo a bara ba Kehathe, ba ne ba hloma tente tsa bona ka lehlakoreng la tabernakele le ka nqa borwa.

30. Morena wa ntlo ya bontata matlo a Bakehathe e ne e le Elitsafane, mora wa Usiele.

31. Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.

32. Morena wa marena a Balevi e ne e le Eleasare, mora Aarone, moprista. Eo o ne a hlahloba ba baballang dintho tsa sehalalelo.