BIBELE e Halalelang

Numere 3:21-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ka Gershone ho hlahile ntlo ya Balibni le ntlo ya Bashimei; ke ao matlo a Bagershone.

22. Ba ngotsweng ba bona, ha ho balwa, ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ke re, ba ngotsweng ba bona ya eba kete tse supileng tse makgolo a mahlano.

23. Ba matlo a Gershone ba ne ba hloma tente tsa bona kamora tabernakele, ka nqa Bophirimela.

24. Morena wa ntlo ya bontata Bagershone e ne e le Eliasafe, mora Laele.

25. Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,

26. le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.

27. Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.

28. Ha ho balwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse robileng meno e le mmedi, tse nang le makgolo a tsheletseng, ba baballang dintho tsa sehalalelo.

29. Ba matlo a bara ba Kehathe, ba ne ba hloma tente tsa bona ka lehlakoreng la tabernakele le ka nqa borwa.

30. Morena wa ntlo ya bontata matlo a Bakehathe e ne e le Elitsafane, mora wa Usiele.

31. Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.

32. Morena wa marena a Balevi e ne e le Eleasare, mora Aarone, moprista. Eo o ne a hlahloba ba baballang dintho tsa sehalalelo.

33. Ka Merari ho hlahile ntlo ya Bamahali, le ntlo ya Bamushi; ke ao matlo a Bamerari.

34. Ba ngotsweng ba bona, ha ho balwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse tsheletseng, tse nang le makgolo a mabedi.

35. Morena wa ntlo ya bontata matlo a Merari, e ne e le Tsuriele, mora Abihaile. Ba ne ba hloma tente tsa bona mabapa le tabernakele, ka nqa leboya.

36. Bara ba Merari ba ne ba beilwe ho boloka dipolanka tsa tabernakele, le mekwallo ya yona, le ditshiya tsa yona, le dilulwana tsa yona, le mesebetsi yohle ya yona;

37. le ditshiya tsa lebala le teetseng tabernakele hare le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa yona le dikgwele tsa yona.

38. Ba neng ba hloma ka nqa kapele ho tabernakele, ka nqa botjhabela, pela tente ya pokano, ka nqa botjhabatsatsi, e ne e le Moshe, le Aarone, ka bara ba hae, e leng bona ba baballelang bana ba Iseraele dintho tsa sehalalelo; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.

39. Ba ngotsweng ba Balevi bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo ya Jehova, ka matlo a bona, ha ho teanngwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.