BIBELE e Halalelang

Numere 3:20-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.

21. Ka Gershone ho hlahile ntlo ya Balibni le ntlo ya Bashimei; ke ao matlo a Bagershone.

22. Ba ngotsweng ba bona, ha ho balwa, ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ke re, ba ngotsweng ba bona ya eba kete tse supileng tse makgolo a mahlano.

23. Ba matlo a Gershone ba ne ba hloma tente tsa bona kamora tabernakele, ka nqa Bophirimela.

24. Morena wa ntlo ya bontata Bagershone e ne e le Eliasafe, mora Laele.

25. Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,

26. le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.

27. Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.

28. Ha ho balwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse robileng meno e le mmedi, tse nang le makgolo a tsheletseng, ba baballang dintho tsa sehalalelo.