BIBELE e Halalelang

Numere 3:10-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.

11. Jehova a bua le Moshe, a re:

12. Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.

13. Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova.

14. Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, a re:

15. O ngole bara ba Levi, ka matlo a bontata bona, le ka matlo a bona. O ngole ba batona kaofela, ho qala ka ba nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo.

16. Yaba Moshe o a ba ngola ka taelo ya Jehova, le kamoo a neng a laetswe kateng.

17. Ke bana bara ba Levi ka mabitso a bona: Gershone, Kehathe le Merari.

18. Ke ana mabitso a bara ba Gershone ka matlo a bona: Libni le Shimei;

19. a bara ba Kehathe ka matlo a bona ke ana: Amrame, le Jitsehare, le Hebrone, le Usiele;

20. a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.

21. Ka Gershone ho hlahile ntlo ya Balibni le ntlo ya Bashimei; ke ao matlo a Bagershone.

22. Ba ngotsweng ba bona, ha ho balwa, ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ke re, ba ngotsweng ba bona ya eba kete tse supileng tse makgolo a mahlano.

23. Ba matlo a Gershone ba ne ba hloma tente tsa bona kamora tabernakele, ka nqa Bophirimela.

24. Morena wa ntlo ya bontata Bagershone e ne e le Eliasafe, mora Laele.

25. Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,

26. le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.