BIBELE e Halalelang

Numere 29:36-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Le tla hlahisa sehlabelo se tjheswang ka mollo, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, e leng poho e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng;

37. le nyehelo le ditshelo tsa poho, le tsa pheleu, le tsa konyana, ka palo ya tsona le ka taelo e beilweng.

38. Le tla hlahisa phooko ya sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le nyehelo le tshelo.

39. Ke wona mahlabelo ao le tla a hlabela Jehova meketeng ya lona, e be ditjheso tsa lona, le dinyehelo tsa lona, le ditshelo tsa lona, le mahlabelo a lona a kgotso, kantle ho a etswang bakeng sa phetho ya maikano, kapa a nyehelwang feela ka ho ithatela ha motho.

40. Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Jehova a mo laetseng tsona.