BIBELE e Halalelang

Numere 26:59-65 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

59. Lebitso la mohatsa Amrame e ne e le Jokebede, moradi wa Levi, ya tswaletsweng Levi Egepeta; a tswalla Amrame Aarone, Moshe le Miriame, kgaitsedi ya bona.

60. Aarone a tswallwa Nadabe le Abihu, Eleasare le Ithamare.

61. Nadabe le Abihu ba eshwa, mohla ba tlisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova.

62. Ba badilweng ba bona, e leng ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba ka pele ho moo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Ha ba ka ba balwa palong ya bana ba Iseraele, kahobane ha ba ka ba newa lefa hara bana ba Iseraele.

63. Bana ba Iseraele ke bao, bao Moshe le moprista Eleasare ba kileng ba ba bala mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.

64. Hara bona ho ne ho se le a mong wa bana ba Iseraele bao Moshe le moprista Aarone ba neng ba badile palo ya bona feelleng la Sinai.

65. Hobane Jehova o ne a itse: Ba tla shwela feelleng; mme ho ke ke ha sala leha a le mong, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune.