BIBELE e Halalelang

Numere 26:54-62 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

54. ba fetisang ka bongata o tla ba nea lefa le fetisang ka boholo, ba banyenyane ka palo ya bona o tla ba nea lefa le lenyenyane; e mong le e mong o tla newa lefa le lekaneng le palo ya ba badilweng ba leloko la hae.

55. Empa lefatshe le tla arolwa ka lotho; ba tla le newa ka mabitso a meloko ya bontata bona.

56. Ke ka taolo ya lotho lefatshe le tla arolwa ba leng bangata le ba seng bakae.

57. Ke bana Balevi ba kileng ba balwa ka matlo a bona: ka Gershone ho hlahile ntlo ya Bagershone; ka Kehathe ntlo ya Bakehathe; ka Merari ntlo ya Bamerari.

58. Ke ana matlo a Levi: ntlo ya Badibni, ntlo ya Bahebrone, ntlo ya Bamahadi, ntlo ya Bamushi, ntlo ya Bakore. Kehathe a tswala Amrame.

59. Lebitso la mohatsa Amrame e ne e le Jokebede, moradi wa Levi, ya tswaletsweng Levi Egepeta; a tswalla Amrame Aarone, Moshe le Miriame, kgaitsedi ya bona.

60. Aarone a tswallwa Nadabe le Abihu, Eleasare le Ithamare.

61. Nadabe le Abihu ba eshwa, mohla ba tlisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova.

62. Ba badilweng ba bona, e leng ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba ka pele ho moo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Ha ba ka ba balwa palong ya bana ba Iseraele, kahobane ha ba ka ba newa lefa hara bana ba Iseraele.