BIBELE e Halalelang

Numere 26:42-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. Bara ba Dane ke bana ka matlo a bona: ka Shukame ho hlahile ntlo ya Bashukame. Ke wona matlo a Badane, ka matlo a bona.

43. Bashukame ka matlo wohle a bona le ka palo ya bona, ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mene tse nang le makgolo a mane.

44. Bara ba Asere ke bana, ka matlo a bona: ka Jimna ho hlahile ba ntlo ya Bajimna; ka Jishvi ntlo ya Bajishvi; ka Beria ntlo ya Baberia.

45. Ka bara ba Beria ho hlahile Hebere le ntlo ya Bahebere; Malkiele le ntlo ya Bamalkiele.

46. Lebitso la moradi wa Asere e ne e le Sera.

47. Ke wona matlo a bara ba Asere ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mahlano a metso e meraro tse nang le makgolo a mane.

48. Bara ba Nefthali ke bana ka matlo a bona: ka Jahtseele ho hlahile ntlo ya Bajahtseele;

49. ka Guni ntlo ya Baguni; ka Jetsere ntlo ya Bajetsere; ka Shilleme ntlo ya Bashilleme.