BIBELE e Halalelang

Numere 26:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora sewa seo, Jehova a bua le Moshe le Eleasare, mora wa moprista Aarone, a re:

2. Balang phutheho kaofela ya bana ba Iseraele, ka matlo a bontata bona, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ba ka pele ho moo, e leng bohle ba Iseraele ba ka yang ntweng.

3. Moshe le moprista Eleasare ba fela ba bua le bona mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko;

4. ba re: Ho balwe ba dilemo tse mashome a mabedi le ba ka pele ho moo, kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng, mohla Baiseraele ba tswileng naheng ya Egepeta.

5. Rubene ke mora wa letsibolo wa Iseraele. Bana ba Rubene ke Henoke; ka yena ho hlahile ntlo ya Bahenoke; Pallu le ntlo ya Bapallu;

6. Hetsrone le ntlo ya Bahetsrone; Karmi le ntlo ya Bakarmi.

7. Ke wona ao matlo a Barubene; batho ba bona ba kileng ba balwa, ba etsa dikete tse mashome a mane a metso e meraro tse nang le makgolo a supileng a mashome a mararo.

8. Mora wa Pallu ke Eliabe.

9. Bara ba Eliabe ke boNemuele, Dathane le Abirame. Ke Dathane eo le Abirame eo, banna ba neng ba memelwa phutheho, ba kileng ba lwantsha Moshe le Aarone sehlopheng sa Kore, mohla ba ikgantshetsang Jehova.

10. Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa hammoho le Kore; mollo wa timetsa batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano, ba neng ba bokane; ya eba temoso ho setjhaba.

11. Empa bara ba Kore ha ba ka ba eshwa.

12. Bara ba Simeone ka matlo a bona, ke bana: ka Nemuele ho hlahile ntlo ya Banemuele; ka Jamine ntlo ya Bajamine;

13. ka Jakine ntlo ya Bajakine; ka Serake ntlo ya Baserake; ka Saule ntlo ya Basaule.

14. Ke wona ao matlo a Basimeone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le makgolo a mabedi.