BIBELE e Halalelang

Numere 25:4-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Jehova a re ho Moshe: Bokella marena wohle a setjhaba, o a fanyehe pela Jehova, pontsheng ya letsatsi, bohale ba Jehova bo tuketseng Iseraele bo tle bo fele.

5. Yaba Moshe o re ho baahlodi ba Iseraele: E mong le e mong wa lona a bolaye batho ba habo ba kgomaretseng Baale-Peore.

6. Ka yona nako eo, ha fihla monna e mong wa bana ba Iseraele, ya tlisang mosadi wa Midiane ho banababo, pontsheng ya Moshe le pontsheng ya phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba ntse ba lla monyako wa tente ya pokano.

7. Yaba Finease, mora Eleasare, mora moprista Aarone, ha a bona hoo, a raoha hara phutheho; a tshwara lerumo letsohong la hae;

8. a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.

9. Ba shweleng ke sewa seo ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

10. Jehova a bua le Moshe, a re:

11. Finease, mora Eleasare, mora wa moprista Aarone, o kgelositse bohale ba ka hodima bana ba Iseraele, kahobane a mpouletse hara bona; ke ka baka leo ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele poulelong ya ka.

12. Ka baka leo, o bolele hore ke etsa selekane sa kgotso le yena.