1. Iseraele a duladula Sittime, mme setjhaba sa qala teng ho etsa bohlola le baradi ba Moabe.
2. Ba biletsa setjhaba mahlabelong a medimo ya bona; setjhaba sa eja, mme sa kgumamela medimo ya bona.
3. Iseraele a kgomarela Baale-Peore; mme bohale ba Jehova ba tukela Iseraele.
4. Jehova a re ho Moshe: Bokella marena wohle a setjhaba, o a fanyehe pela Jehova, pontsheng ya letsatsi, bohale ba Jehova bo tuketseng Iseraele bo tle bo fele.