BIBELE e Halalelang

Numere 24:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Balaame a bona hobane Jehova o rata ho hlohonolofatsa Iseraele; ha a ka a hlola a ya ho batla tsa boloi jwaloka pele; empa a retelletsa sefahleho sa hae ka nqa lefeelleng.

2. Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.

3. A porofeta, a re: Lentswe le Balaame, mora Beore, lentswe la monna ya nang le leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo,

4. la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:

5. Ditente tsa hao di ntle hakakang, Jakobo! Le meaho ya hao, Iseraele!

6. Di alehile jwaloka mohlaka, jwaloka ma simo seoding sa noka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Jehova, jwaloka dikedare pela metsi!

7. Metsi a kgaphatseha dinkgong tsa hae; peo ya hae e nontshwa ke metsi a mangata. Morena hae o feta Agage, le mmuso wa hae o a phahama.

8. Modimo o mo ntshitse Egepeta; o na le matla a kang a nare. O qeta ditjhaba tse mo lwantshang; o robaka masapo a tsona, a di imele ka metsu ya hae.

9. O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!

10. Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo.

11. Tloha jwale, o ye ha eno! Ke ne ke itse, ke tla o hlompha ka dimpho tse kgolo, empa Jehova o o sitisitse ho di nka.