BIBELE e Halalelang

Numere 21:21-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Baiseraele ba roma manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, ka ho re:

22. Re dumelle re fete naheng ya hao; re ke ke ra kgelohela masimong, leha e le merareng; re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re be re tswe meeding ya hao.

23. Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng.

24. Baiseraele ba mo hlola ka bohale ba lerumo, ba nka naha ya hae, ho tloha Arnone ho isa Jabboke, le ho isa moeding wa bana ba Ammone; hobane moedi wa bana ba Ammone o ne o tiisitswe.

25. Baiseraele ba hapa metse yohle, ba aha metseng yohle ya Baamore, Heshbone, le metseng e meng yohle e pusong ya bona.

26. Hobane Heshbone e ne e le motse wa Sihone, morena wa Baamore. Sihone o ne a lwane le morena wa Moabe ya neng a le teng pele, o ne a mo amohe naha ya hae yohle ho isa Arnone.

27. Ke ka baka leo baroki ba reng: Tloong Heshbone! Motse wa Sihone o tsoswe, o hahuwe!

28. Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.

29. Ho madimabe, wena Moabe! O timetse, setjhaba sa Kemoshe! Se neetse bara ba sona palehong, le baradi ba sona kgolehong ya Sihone, ya morena wa Baamore.

30. Re ba betsitse ka metsu ya rona. Tsohle di sentswe ho tloha Heshbone ho isa Dibone; re sentse ho ya fihla Nofake, le ho isa Medeba.

31. Baiseraele ba ya aha naheng ya Baamore.

32. Jwale Moshe a romela ho ya hlwela Jaesere, mme ba kena metse ya teng, ba lelekisa Baamore ba neng ba ahile ho yona.

33. Hamorao, ba kgutla, mme ba nyoloha ka tsela ya Bashane. Yaba Oge, morena wa Bashane, o a tswa, a ba kgahlanyetsa ho ba lwantsha Edrei, a ena le batho ba hae kaofela.

34. Yaba Jehova o re ho Moshe: O se ke wa mo tshaba; hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae; o tla mo etsa jwalokaha o entse Sihone, morena wa Baamore ya neng a ahile Heshbone.

35. Mme ba mo hlola, yena le bara ba hae, le setjhaba sa hae kaofela, ho sa pholohe motho le a mong; mme ba hapa naha ya hae.