BIBELE e Halalelang

Numere 21:17-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ke moo Iseraele a kileng a bina sefela sena:

18. Nyoloha, sediba! Se bineleng ka ho arabelana, le roke sediba se tjhekilweng ke marena, se tjhekilweng ke baholo ba setjhaba ka lere la borena, ka mare a bona!

19. Ba tloha feelleng, ba ya Matthana; ba tloha Matthana, ba ya Nahaliele; ba tloha Nahaliele, ba ya Bamothe;

20. ba tloha Bamothe, ba ya sekgutlong se naheng ya Moabe, se fellang qhoweng ya Pisga, ka nqa feelleng.

21. Baiseraele ba roma manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, ka ho re:

22. Re dumelle re fete naheng ya hao; re ke ke ra kgelohela masimong, leha e le merareng; re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re be re tswe meeding ya hao.

23. Empa Sihone ha a ka a dumella Iseraele ho feta ka naha ya hae; empa a bokella setjhaba sa hae kaofela, a ya kgahlanyetsa Iseraele feelleng. A tla Jahatse, a lwantsha Iseraele teng.

24. Baiseraele ba mo hlola ka bohale ba lerumo, ba nka naha ya hae, ho tloha Arnone ho isa Jabboke, le ho isa moeding wa bana ba Ammone; hobane moedi wa bana ba Ammone o ne o tiisitswe.

25. Baiseraele ba hapa metse yohle, ba aha metseng yohle ya Baamore, Heshbone, le metseng e meng yohle e pusong ya bona.

26. Hobane Heshbone e ne e le motse wa Sihone, morena wa Baamore. Sihone o ne a lwane le morena wa Moabe ya neng a le teng pele, o ne a mo amohe naha ya hae yohle ho isa Arnone.

27. Ke ka baka leo baroki ba reng: Tloong Heshbone! Motse wa Sihone o tsoswe, o hahuwe!

28. Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.

29. Ho madimabe, wena Moabe! O timetse, setjhaba sa Kemoshe! Se neetse bara ba sona palehong, le baradi ba sona kgolehong ya Sihone, ya morena wa Baamore.

30. Re ba betsitse ka metsu ya rona. Tsohle di sentswe ho tloha Heshbone ho isa Dibone; re sentse ho ya fihla Nofake, le ho isa Medeba.