BIBELE e Halalelang

Numere 21:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha morena wa Arade, e leng Mokanana, ya neng a ahile ka nqa borwa, a utlwa hoba Baiseraele ba tla ka tsela ya Atharime, a lwantsha Baiseraele, mme a kgutla a hapile ba bang.

2. Yaba Baiseraele ba ikana ho Jehova, ba re: Ha o neela setjhaba seo matsohong a rona, re tla neela metse ya bona anathema.

3. Jehova a utlwa lentswe la Baiseraele, a ba neela Bakanana; mme ba neela metse ya bona anathema. Sebaka seo sa rewa lebitso la Horma.

4. Ba tloha thabeng ya Hore ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, ba pota naha ya Edomo. Tseleng, setjhaba sa fellwa ke pelo, mme batho ba bua hampe ka Modimo le ka Moshe, ba re:

5. Na ke ka baka lang ha le re nyolotse Egepeta hore re tlo shwela lefeelleng na? Hobane, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, mme pelo tsa rona di tennwe ke bohobe bona bo sa tsebisahaleng.