BIBELE e Halalelang

Numere 20:7-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Jehova a bua le Moshe, a re:

8. Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.

9. Yaba Moshe o nka lere la hae le neng le le pela Jehova, jwalokaha Jehova a mo laetse.

10. Moshe le Aarone ba biletsa phutheho pela lefika.

11. Moshe a re: Mamelang he, lona bahanyetsi! A hleka re tla le ntshetsa metsi lefikeng lena na? Moshe a ntoo emisa letsoho la hae, a otla lefika habedi ka lere la hae. Metsi a tswa a le mangata; batho ba enwa le tsona dintho tsa bona.

12. Yaba Jehova o re ho Moshe: Kahobane le sa ka la dumela ho nna, la nkgalaletsa mahlong a bana ba Iseraele, le ke ke la finyeletsa phutheho ena lefatsheng leo ke le neileng lona.

13. Ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba hanyeditseng Jehova; ke hona moo a ikgalaleditseng ka ho bona.

14. Moshe ha a le Kadeshe, a romela manqosa ho morena wa Edomo, a re ho yena: Ho itswe ke ngwaneno Iseraele: O tseba mahlomola wohle ao re bileng le wona.

15. Bontata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra dula teng halelele. Empa Baegepeta ba re tubile, rona le bontata rona.

16. Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao.

17. O re dumelle ho feta ka naha ya hao; re ke ke ra tsamaya hara masimo, leha e le hara merara, mme re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re sa kgelohele ho le letona, kapa ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.

18. Edomo a re: O ke ke wa ba wa feta ha ka; ha o ka leka, ke tla tswa, ke o kgahlanyetse ka lerumo.

19. Bana ba Iseraele ba re ho yena: Re tla nyoloha ka mmila o phatlaletseng; ha nna le mehlape ya ka re ka nwa metsi a hao, ke tla a lefa; ha ho ho hong, haese hore ke fete ka maoto a ka.

20. A fetola, a re: O ke ke wa ba wa feta. Jwale Edomo a tswa ho mo kgahlanyetsa ka batho ba bangata le ka letsoho le matla.

21. Edomo a hana jwalo ho dumella bana ba Iseraele ho feta naheng ya hae. Yaba Iseraele o a kgeloha.

22. Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha Kadeshe, ya tla thabeng ya Hore.