BIBELE e Halalelang

Numere 20:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Tsine ka kgwedi ya pele, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Miriame a shwela teng, mme a epelwa teng.

2. Ho ne ho se metsi teng a ka nowang ke phutheho; yaba e lwantsha Moshe le Aarone.

3. Ba tsekisa Moshe, ba re: Hoja ra timela mohla banababo rona ba timelang pela Jehova!

4. Na ke ka baka lang le tlisitseng phutheho ya Jehova lefeelleng lena, hore re shwele teng, rona le makgomo a rona?

5. Na ke ka baka lang le re ntshitseng Egepeta, la re tlisa bakeng sena se sebe na? Hase naha eo re ka e lemang, ha ho difate tsa feiye ho yona, leha e le tsa morara, leha e le tsa garanata, leha e le metsi a ka nowang.