BIBELE e Halalelang

Numere 2:30-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Bongata jwa ba ngodilweng, ba diahelo tsa ntlo ya Dane, ya eba dikete tse lekgolo le le leng le nang le mashome a mahlano a metso e supileng, tse nang le makgolo a tsheletseng.

31. Ke bona ba tlang ho tloha ba ho qetella le difolaga tsa bona.

32. Ke bona bao bana ba Iseraele, ba kileng ba ngolwa ka matlo a bontata bona. Bongata jwa ba ngodilweng ba matlo ao, ka makgotla a bona, ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.

33. Empa Balevi ha ba ka ba ngollwa hara bana ba Iseraele, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

34. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng. Ba ne ba emisa jwalo mabapa le difolaga tsa bona, mme ba ne ba tloha jwalo, e mong le e mong ka ntlo ya hae le ka ntlo ya bontatae.