BIBELE e Halalelang

Numere 2:17-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Jwale, ho ntoo tloha tente ya pokano le Balevi, ba le mahareng a matlo a mang; ba tla tsamaya ka mokgwa oo ba emisang ka wona, e mong le e mong ka ho boloka baka sa hae, tlasa folaga ya habo.

18. Ka nqa bophirimela, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Efraime, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Efraime, Elishama, mora Ammihude,

19. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano.

20. Pela hae, ho hlome ba leloko la Manasse; ke morena wa bana ba Manasse; Gamaliele, mora Pedahtsure,

21. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le makgolo a mabedi;

22. le ba leloko la Benjamine; ke morena wa bana ba Benjamine Abidane, mora Gideoni,

23. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.

24. Bongata jwa ba ngodilweng, ba diahelo tsa ntlo ya Efraime, ya eba dikete tse lekgolo le le leng le metso e robileng meno e le mmedi, tse nang le lekgolo le le leng, ka palo ya makgotla a bona. Ke bona ba tlang ho tloha ba boraro.

25. Ka nqa leboya, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Dane, ka makgotla a yona; ke morena wa bana ba Dane, Akiesere, mora Ammishaddai,

26. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi tse nang le makgolo a supileng.

27. Ba tlang ho hloma pela hae, ke ba leloko la Asere; ke morena wa bana ba Asere, Pagiele, mora Okrane,

28. le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mane a motso o mong, tse nang le makgolo a mahlano;

29. le ba leloko la Nefthali; ke morena wa bana ba Nefthali, Akira, mora Enane, le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mahlano a metso e meraro, tse nang le makgolo a mane.