BIBELE e Halalelang

Numere 19:9-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, o tla o bea kantle ho diahelo nqalong e hlwekileng; o tla bolokelwa phutheho ya bana ba Iseraele, hore ho etswe ka wona metsi a hlatsuo.

10. Ke metsi a etsang pheko. Ya bokeletseng molora wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bana ba Iseraele le ho moditjhaba ya jakileng hara bona.

11. Ya tlang ho ama setopo sa motho ofe le ofe e tla ba ya sa hlwekang ka matsatsi a supileng.

12. O tla itlhatswa ka metsi ao ka tsatsi la boraro le ka tsatsi la bosupa, mme o tla hlweka; empa ha a sa itlhatswe ka tsatsi la boraro le la bosupa, a ke ke a hlweka.

13. Ya amang setopo, e leng mmele wa motho ya shweleng, ha a sa itlhatswe, o silafatsa tabernakele ya Jehova; o tla tloswa hara Iseraele. Erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang, mme ho se hlweke ha hae ho sa ntse ho le hodima hae.

14. Ke ona molao wa mohla motho a shwang tenteng e nngwe: Mang le mang ya tla kena tenteng eo, le e mong le e mong ya tla ba tenteng, e tla ba ba sa hlwekang ka matsatsi a supileng.

15. Pitsa e nngwe le e nngwe e kwaholotsweng, e se nang sekwahelo se tlamilweng, etlaba ha ea hlweka.