BIBELE e Halalelang

Numere 19:5-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Sethole se tla tjheswa pela mahlo a hae; ho tla tjheswa letlalo la sona, le nama ya sona, le madi a sona, le wona moswang wa sona.

6. Moprista o tla nka patsi ya kedare, le hisopa, le purepera, mme o tla di lahlela kahara mollo o tjhesang sethole.

7. Moprista o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlatswa mmele wa hae metsing, a ntoo boela diahelong; empa e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.

8. Ya tjhesitseng sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae ka metsi, a hlatswe mmele wa hae metsing; empa etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.

9. Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, o tla o bea kantle ho diahelo nqalong e hlwekileng; o tla bolokelwa phutheho ya bana ba Iseraele, hore ho etswe ka wona metsi a hlatsuo.

10. Ke metsi a etsang pheko. Ya bokeletseng molora wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bana ba Iseraele le ho moditjhaba ya jakileng hara bona.

11. Ya tlang ho ama setopo sa motho ofe le ofe e tla ba ya sa hlwekang ka matsatsi a supileng.

12. O tla itlhatswa ka metsi ao ka tsatsi la boraro le ka tsatsi la bosupa, mme o tla hlweka; empa ha a sa itlhatswe ka tsatsi la boraro le la bosupa, a ke ke a hlweka.