BIBELE e Halalelang

Numere 19:14-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ke ona molao wa mohla motho a shwang tenteng e nngwe: Mang le mang ya tla kena tenteng eo, le e mong le e mong ya tla ba tenteng, e tla ba ba sa hlwekang ka matsatsi a supileng.

15. Pitsa e nngwe le e nngwe e kwaholotsweng, e se nang sekwahelo se tlamilweng, etlaba ha ea hlweka.

16. E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng.

17. Eo ya sa hlwekang, o tla nkelwa molora wa sehlabelo sa hlatsuo se kileng sa tjheswa, mme ho tla tshelwa metsi a sediba hodima wona pitseng.

18. Monna ya hlwekileng o tla nka hisopa, a e qopetse metsing ao, a ntoo foka tente ka yona, le mesebetsi yohle, le batho ba leng teng, le eo ya amileng masapo, kapa motho ya bolailweng, kapa setopo, kapa lebitla.

19. Monna eo ya hlwekileng o tla foka ya sa hlwekang ka tsatsi la boraro le la bosupa, mme o tla mo hlwekisa ka tsatsi la bosupa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; mme mantsiboya o tla hlweka.

20. Motho ya sa hlwekang, ha a sa itlhatswe, o tla tloswa hara phutheho, hobane o silafaditse sehalalelo sa Jehova; erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang.

21. Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bona: ya fokileng ka metsi a hlatsuo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amileng metsi a hlatsuo, etlaba ha a hlweka ho fihlela mantsiboya.

22. Tsohle tse amileng ya sa hlwekang di tla silafala, mme motho ya mo amileng, etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.