BIBELE e Halalelang

Numere 16:41-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

41. Empa yare ha bo esa phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya rorela Moshe le Aarone, ya re: Le bolaile setjhaba sa Jehova.

42. Ha phutheho e ne e bokane le Moshe le Aarone, yare ha ba tadima ka nqa tenteng ya pokano, ba bona leru le e apesitse, mme ha hlaha kganya ya Jehova.

43. Moshe le Aarone ba ya pela tente ya pokano.

44. Jehova a bua le Moshe, a re:

45. Tlohang hara phutheho ena, ke tle ke e timeletse hanghang. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho.

46. Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.

47. Yaba Aarone o nka pitsa eo kamoo Moshe a mo laetseng kateng, a titimela hara phutheho, mme a fumana lefu le se le qalehile hara setjhaba. Yaba o tshela dibano, a etsetsa setjhaba pheko.

48. A ema dipakeng tsa ba shweleng le tsa ba phelang; yaba lefu le a kgaotsa.

49. Ba neng ba shwe ke lefu leo, e bile batho ba dikete tse leshome le metso e mene tse makgolo a supileng, kantle ho ba neng ba shwele ka taba ya Kore.

50. Aarone a ntoo kgutlela ho Moshe monyako wa tente ya pokano, mme lefu le ne le kgaoditse.