BIBELE e Halalelang

Numere 16:40-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

41. Empa yare ha bo esa phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya rorela Moshe le Aarone, ya re: Le bolaile setjhaba sa Jehova.

42. Ha phutheho e ne e bokane le Moshe le Aarone, yare ha ba tadima ka nqa tenteng ya pokano, ba bona leru le e apesitse, mme ha hlaha kganya ya Jehova.

43. Moshe le Aarone ba ya pela tente ya pokano.

44. Jehova a bua le Moshe, a re:

45. Tlohang hara phutheho ena, ke tle ke e timeletse hanghang. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho.

46. Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.

47. Yaba Aarone o nka pitsa eo kamoo Moshe a mo laetseng kateng, a titimela hara phutheho, mme a fumana lefu le se le qalehile hara setjhaba. Yaba o tshela dibano, a etsetsa setjhaba pheko.