BIBELE e Halalelang

Numere 16:25-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Yaba Moshe o a ema, a ya ho boDathane le Abirame; mme baholo ba Iseraele ba mo sala morao.

26. A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.

27. Yaba ba tloha pela tente tsa Kore, le Dathane, le Abirame, ka nqa tsohle. Dathane le Abirame ba tswa, ba ema pela menyako ya ditente tsa bona, ba ena le basadi ba bona, le bara ba bona, le bana ba bona ba banyenyane.

28. Yaba Moshe o re: Ka hona le tla tseba hoba Jehova o nthomile ho etsa mesebetsi ena yohle, le hoba ha ke etse ke iqalla.

29. Ekare ha batho bao ba eshwa ke lefu la batho bohle, kapa se hlahelang bohle se ba hlahela, etlaba Jehova ha a nthoma;

30. empa ekare ha Jehova a etsa mohlolo, ha lefatshe le ahlamisa molomo wa lona, le ba metsa le tsohle tseo ba nang le tsona, mme ba theohela lempatung ba ntse ba utlwa, teng le tla tsebisisa hobane batho bao ba nyedisitse Jehova.

31. Yare hobane a qete ho bolela mantswe ao kaofela, lefatshe le neng le le katlasa bona la phatloha.

32. Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa, bona, le matlo a bona, le batho kaofela bao e leng ba Kore, le dintho tsa bona kaofela.

33. Bona le tsohle tseo e leng tsa bona, ba theohela lempatung ba utlwa; lefatshe la ba kwahela, mme ba nyamella hara phutheho.

34. Baiseraele bohle ba neng ba ba teetse hare ba baleha ka baka la seboko sa bona, ba re: E se be le rona lefatshe la re metsa.

35. Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.

36. Jehova a bua le Moshe, a re:

37. Bolella Eleasare, mora wa moprista Aarone, hore a bokelle dipitsa tsa dibano moo ho tjheleng, mollo wa tsona o lahlelwe hole; hobane ke ntho tse halaleditsweng.

38. Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.

39. Yaba moprista Eleasare o nka dipitsa tsa koporo, tseo banna bao ba tjhesitsweng ba neng ba di hlahisitse, mme tsa etswa makapa a diphara a ho kwahela aletare.

40. Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.