BIBELE e Halalelang

Numere 16:11-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ke ka baka lena, wena le ba letshwele lohle la hao, le dumellaneng ho tsekisa Jehova! Aarone yena keng, hore le mo rorele na?

12. Yaba Moshe o romela ho ya bitsa Dathane le Abirame, bara ba Eliabe; empa ba re: Re ke ke ra ya;

13. a ke ntho e nyenyane ha o re ntshitse lefatsheng le kollang lebese le dinotshi ho tla re bolaela nahathothe, haele mona o ipeile morena ho rona na?

14. Etswe o sa ka wa re tlisa naheng e kollang lebese le dinotshi, leha e le ho re nea lefa la masimo le la dirapa tsa merara. Hleka o tla hle o phunye mahlo a banna bana na? Re ke ke ra ya.

15. Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.

16. Moshe a re ho Kore: Wena le letshwele la hao lohle, le tle le hlahe pela Jehova, wena, le bona, le Aarone, ka hosasane.

17. Le nkeng e mong le e mong pitsa ya hae ya dibano, le kenye dibano ho tsona, mme e mong le e mong a tlise pitsa ya hae ya dibano pela Jehova, e be dipitsa tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; wena le Aarone, le nke e mong le e mong pitsa ya hae.