BIBELE e Halalelang

Numere 16:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Kore, mora Jitsehare, mora Kehathe, mora Levi, le bara ba bararo ba Rubene, Dathane, le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora Pelethe,

2. ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, dihlooho tsa phutheho, batho ba baholo ba lekgotla, banna ba mabitso.

3. Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?

4. Moshe eitse ha a utlwa taba eo, a itihela fatshe ka sefahleho.

5. Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.