BIBELE e Halalelang

Numere 15:7-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. le tshelo ya karolo ya boraro ya hine ya veine, e be monko o monate ho Jehova.

8. Ha o hlahisa pohwana e be setjheso, kapa sehlabelo se phethang maikano, kapa sehlabelo sa teboho ho Jehova,

9. ho tliswe, hammoho le pohwana, nyehelo ya dikarolo tse tharo tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka ole e lekanang halofo ya hine;

10. nyehelo ya tshelo e be halofo ya hine ya veine; ke sehlabelo se hlahiswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

11. Ho nno ho etswe jwalo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, kapa sa pheleu e nngwe le e nngwe, kapa sa konyana e nngwe le e nngwe, kapa sa potsanyane e nngwe le e nngwe.

12. Le etse jwalo ka palo ya tseo le di hlahisang, bakeng sa e nngwe le e nngwe, ka palo ya tsona.

13. Bohle ba tswaletsweng ha eno, ba nno etsa dintho tseo jwalo, mohla ba hlahisang sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

14. Ha motho wa ditjhaba a aheletse hara lona, kapa a tla nne a ahe hara lona kamehla, ha a rata ho hlahisa sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova, a etse kamoo lona le etsang kateng.

15. Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.

16. Molao o tla ba mong le mokgwa o tla ba mong ho lona le ho moditjhaba ya aheletseng hara lona.

17. Jehova a bua le Moshe, a re:

18. Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlere ha le fihlile naheng eo ke le isang ho yona,

19. mohla le jang bohobe ba naha eo, le tle le hlahisetse Jehova kabelo.