BIBELE e Halalelang

Numere 15:6-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Bakeng sa pheleu, o tle o hlahise nyehelo ya dikarolo tse pedi tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka karolo ya boraro a hine ya ole;

7. le tshelo ya karolo ya boraro ya hine ya veine, e be monko o monate ho Jehova.

8. Ha o hlahisa pohwana e be setjheso, kapa sehlabelo se phethang maikano, kapa sehlabelo sa teboho ho Jehova,

9. ho tliswe, hammoho le pohwana, nyehelo ya dikarolo tse tharo tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka ole e lekanang halofo ya hine;

10. nyehelo ya tshelo e be halofo ya hine ya veine; ke sehlabelo se hlahiswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

11. Ho nno ho etswe jwalo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, kapa sa pheleu e nngwe le e nngwe, kapa sa konyana e nngwe le e nngwe, kapa sa potsanyane e nngwe le e nngwe.

12. Le etse jwalo ka palo ya tseo le di hlahisang, bakeng sa e nngwe le e nngwe, ka palo ya tsona.

13. Bohle ba tswaletsweng ha eno, ba nno etsa dintho tseo jwalo, mohla ba hlahisang sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

14. Ha motho wa ditjhaba a aheletse hara lona, kapa a tla nne a ahe hara lona kamehla, ha a rata ho hlahisa sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova, a etse kamoo lona le etsang kateng.

15. Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.

16. Molao o tla ba mong le mokgwa o tla ba mong ho lona le ho moditjhaba ya aheletseng hara lona.

17. Jehova a bua le Moshe, a re:

18. Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlere ha le fihlile naheng eo ke le isang ho yona,

19. mohla le jang bohobe ba naha eo, le tle le hlahisetse Jehova kabelo.

20. Le hlahise kabelo ya polokwe, e be dilopotsiya tsa hlama ya lona; ho be jwaloka kabelo e nkwang seotlong.

21. Melokong yohle ya lona, le tla abela Jehova kabelo ya hlama ya lona ya ho qala.

22. Ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, le sa ka la phetha melao kaofela eo Jehova a e boleletseng Moshe,

23. tsohle tseo Jehova a le laetseng tsona ka molomo wa Moshe, haesale e le letsatsing leo Jehova a le laetseng tsona, ho isa melokong yohle ya lona;

24. ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, phutheho e sa ka ya lemoha, phutheho yohle e tla hlahisa sehlabelo sa pohwana, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, hammoho le nyehelo ya sona le tshelo ya sona e loketseng; mme le teng e hlahise phooko ya sehlabelo sa sebe.

25. Moprista a etse pheko bakeng sa phutheho yohle ya bana ba Iseraele, mme ba tla tshwarelwa; hobane ke sebe se entsweng ka ho se tsebe, mme ba tlisitse sehlabelo sa bona e le sehlabelo se etsetswang Jehova ka mollo, le sehlabelo sa sebe pela Jehova, bakeng sa sebe se entsweng ka ho se tsebe.

26. Phutheho yohle ya bana ba Iseraele e tla tshwarelwa, le yena moditjhaba ya aheletseng hara bona, kahobane setjhaba sohle se sitilwe ka ho se tsebe.