BIBELE e Halalelang

Numere 14:9-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.

10. Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.

11. Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?

12. Ke tla se otla ka lefu la sewa, ke se timetse, mme ka wena ke tla etsa setjhaba se seholo ho sona, se se fetang ka matla.

13. Moshe a re ho Jehova: Baegepeta ba tla utlwa taba tseo, bona bao o ntshitseng setjhaba sena hara bona ka matla a hao,

14. mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.

15. Ha o fedisa setjhaba sena jwalokaha eka ke motho a le mong, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re: Jehova o hlokile matla a ho isa batho bao fatsheng leo a neng a ba hlapanyeditse hore o tla ba nea lona; ke ka baka leo a ba bolaileng feelleng.

16. Mme jwale, matla a Morena a ke a iponahatse ka boholo ba wona, kamoo o boletseng kateng, wa re:

17. Jehova o dieha ho halefa, mme o tletse mohau; o tshwarela makgopo le kganyetso;

18. empa ha a re, ya molato o hloka molato; o otla bana ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo jwa batswadi ba bona.