BIBELE e Halalelang

Numere 14:33-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. bana ba lona ba tla alosa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ba ntse ba jara moputso wa bootswa ba lona, ditopo tsa lona di be di felle feelleng kaofela ha tsona.

34. Jwalokaha le qetile matsatsi a mashome a mane le hlwela naha, ka mokgwa o jwalo le tla jara kotlo ya makgopo a lona ka dilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng; mme le tla tseba hore na ke ntho e jwang ha le furaletswe ke nna.

35. Nna, Jehova, ke buile; ke tla fela ke etse jwalo phutheho ena yohle e mpe, e mpokanetseng ho ntwantsha; ba tla fella lefeelleng lena; ba tla hle ba timelle teng.

36. Banna bao Moshe a neng a ba romile ho ya hlwela naha, bao ho kgutleng ha bona ba neng ba dumadumisitse phutheho yohle ka Jehova ka ho nyefola naha,

37. banna bao ba neng ba nyatsitse naha, ba eshwa pela sefahleho sa Jehova ka lefu la sewa.

38. Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.

39. Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tseo kaofela, mme setjhaba sa hlomoha haholo.

40. Ba tsoha e sa le ka meso, ba hlwela nqa qhoweng ya thaba, ba re: Ke rona bana; re tla nyolohela lefatsheng le boletsweng ke Jehova, hobane re sitilwe.

41. Yaba Moshe o re: Na ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Jehova jwalo? Hona hoo ho ke ke ha le fetohela molemo.

42. Le se ke la nyolohela teng, hobane Jehova ha a yo hara lona, le tle le se ke la qhalanngwa pela dira tsa lona;

43. etswe Baamaleke le Bakanana e le bao pela lona, mme le tla timela ka lerumo, kahobane le furaletse Jehova, mme Jehova a ke ke a ba le lona.

44. Leha ho le jwalo, ba phehella ho hlwella qhoweng ya thaba; empa areka ya selekane sa Jehova ha e a ka ya tloha diahelong, le yena Moshe ha a ka a tloha.

45. Yaba Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile thabeng eo ba theoha, ba ba qhala, ba ba bolaya ho isa Horma.