BIBELE e Halalelang

Numere 14:15-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ha o fedisa setjhaba sena jwalokaha eka ke motho a le mong, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re: Jehova o hlokile matla a ho isa batho bao fatsheng leo a neng a ba hlapanyeditse hore o tla ba nea lona; ke ka baka leo a ba bolaileng feelleng.

16. Mme jwale, matla a Morena a ke a iponahatse ka boholo ba wona, kamoo o boletseng kateng, wa re:

17. Jehova o dieha ho halefa, mme o tletse mohau; o tshwarela makgopo le kganyetso;

18. empa ha a re, ya molato o hloka molato; o otla bana ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo jwa batswadi ba bona.

19. O tshwarele bokgopo ba setjhaba sena ke hona, ka boholo ba mohau wa hao, kamoo o seng o ile wa tshwarela setjhaba sena kateng, ho tloha Egepeta, ho fihlela mona.

20. Jehova a re: Ke a ba tshwarela kamoo o kopileng kateng.

21. Empa, ka nna ya phelang, kganya ya Jehova e tla tlala lefatsheng lohle.

22. Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,

23. ruri, ha ho le a mong ho bona ya tla bona lefatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona hore ke tla ba nea lona. Ha ho le a mong ho ba nnyedisitseng ya tla le bona.

24. Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.

25. Baamaleke le Bakanana ba ahile mahwatateng; kgutlang ke hona hosasane, mme le ye feelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.

26. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:

27. Na ke tla mamella ho isa neng phutheho ena e mpe e dumadumang ka nna? Ke utlwile medumodumo ya bana ba Iseraele kamoo ba dumadumang ka nna kateng.