BIBELE e Halalelang

Numere 14:1-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba phutheho yohle e phahamisa mantswe, ya tlatsa lerata; setjhaba sa lla, bosiu ba ba ba esa.

2. Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!

3. Na ke ka baka lang Jehova a re isang fatsheng leo hore re yo shwela teng ka lerumo, mme basadi ba rona le bana ba rona ba hapuwe teng? Na ho ke ke ha eba molemo hore re kgutlele Egepeta na?

4. Ba eletsana, ba re: A re ikgetheleng molaodi, mme re kgutlele Egepeta.

5. Yaba Moshe le Aarone ba itihela fatshe ka difahleho pela phutheho yohle e bokaneng ya bana ba Iseraele.

6. Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne, ba neng ba ile le ba bang ho hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona,

7. ba bua le phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ba re: Lefatshe leo re le haotseng ho le hlwela ke lefatshe le letle, le letle haholo.

8. Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatsheng leo, mme o tla re nea lona; ke lefatshe le kollang lebese le dinotshi.

9. Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.

10. Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.

11. Jehova a re ho Moshe: Na setjhaba sena se tla nnyedisa ho isa neng na? Na se tla hana ho isa neng ho dumela ho nna, se sa re letho ka mehlolo yohle eo ke e entseng hara sona na?

12. Ke tla se otla ka lefu la sewa, ke se timetse, mme ka wena ke tla etsa setjhaba se seholo ho sona, se se fetang ka matla.

13. Moshe a re ho Jehova: Baegepeta ba tla utlwa taba tseo, bona bao o ntshitseng setjhaba sena hara bona ka matla a hao,

14. mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.

15. Ha o fedisa setjhaba sena jwalokaha eka ke motho a le mong, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re: Jehova o hlokile matla a ho isa batho bao fatsheng leo a neng a ba hlapanyeditse hore o tla ba nea lona; ke ka baka leo a ba bolaileng feelleng.

16. Mme jwale, matla a Morena a ke a iponahatse ka boholo ba wona, kamoo o boletseng kateng, wa re:

17. Jehova o dieha ho halefa, mme o tletse mohau; o tshwarela makgopo le kganyetso;