BIBELE e Halalelang

Numere 13:27-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Ba bolella Moshe, ba re: Re ile naheng eo o re rometseng ho yona; ruri, ke naha e kollang lebese le dinotshi; ke tsena ditholwana tsa teng.

28. Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke dinatla, mme metse ya teng e haheleditswe ka marako, mme e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng.

29. Baamaleke ba ahile ka nqa borwa; Bahethe, le Bajebuse, le Baamore ba ahile dithabeng; Bakanana bona, ba ahile pela lewatle le mabapa le Jordane.

30. Kalebe a kgutsisa setjhaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.

31. Empa banna ba neng ba ile le yena ba ne ba re: Ha ho kamoo re ka nyolohang ho ya lwantsha batho bao kateng, hobane ba re feta ka matla.

32. Ba nyefola hara bana ba Iseraele naha eo ba neng ba ile ho e lekola, ba re: Naha eo re e haotseng ho e hlwela ke naha e jang baahi ba yona; batho bohle bao re ba boneng teng, ke batho ba seemo se selelele;

33. re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.