BIBELE e Halalelang

Numere 13:26-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.

27. Ba bolella Moshe, ba re: Re ile naheng eo o re rometseng ho yona; ruri, ke naha e kollang lebese le dinotshi; ke tsena ditholwana tsa teng.

28. Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke dinatla, mme metse ya teng e haheleditswe ka marako, mme e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng.

29. Baamaleke ba ahile ka nqa borwa; Bahethe, le Bajebuse, le Baamore ba ahile dithabeng; Bakanana bona, ba ahile pela lewatle le mabapa le Jordane.

30. Kalebe a kgutsisa setjhaba se neng se bua hampe ka Moshe, a re: Ha re nyoloheng, re hape naha eo, hobane ka sebele re tla hlola.

31. Empa banna ba neng ba ile le yena ba ne ba re: Ha ho kamoo re ka nyolohang ho ya lwantsha batho bao kateng, hobane ba re feta ka matla.

32. Ba nyefola hara bana ba Iseraele naha eo ba neng ba ile ho e lekola, ba re: Naha eo re e haotseng ho e hlwela ke naha e jang baahi ba yona; batho bohle bao re ba boneng teng, ke batho ba seemo se selelele;