BIBELE e Halalelang

Numere 13:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. lelokong la Gade, Geuele, mora Maki.

16. Ke ao mabitso a banna bao Moshe a ba romileng ho ya hlwela naha; mme Moshe a rea Hosea, mora Nune, lebitso la Joshua.

17. Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, a re ho bona; Le kene ho yona ka nqa borwa, mme le hlwelle dithabeng,

18. mme le tla bona seo naha e leng sona, le bone hore na batho ba ahileng ho yona ba matla, kapa ba fokola; kapa ha ba bakae, kapa ba bangata;

19. le bone hore na naha eo ba ahileng ho yona e ntle, kapa e mpe; le bone hore na metse eo ba ahileng ho yona kapa ke diqhobosheane, kapa ke meqheme;

20. le mobu ke o jwang, kapa ke o nonneng, kapa ke o otileng; kapa difate di teng, kapa ha di yo. Ipheng matla, mme le nke ditholwana tse ding tsa naha eo. Mohlang oo, e ne e se e le nako ya dithakangwaha tsa morara.

21. Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.

22. Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng.