BIBELE e Halalelang

Numere 13:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe, a re:

2. Roma banna hore ba ye ho hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Le rome monna ka leloko le leng le le leng la bontata bona, mme bohle e be dihlooho hara bona.

3. Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.

4. Ke ana mabitso a bona: Lelokong la Rubene, Shammua, mora Sakkure;

5. lelokong la Simeone, Shafathe, mora Hori;