BIBELE e Halalelang

Numere 13:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe, a re:

2. Roma banna hore ba ye ho hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Le rome monna ka leloko le leng le le leng la bontata bona, mme bohle e be dihlooho hara bona.

3. Yaba Moshe, ba le lefeelleng la Parane, o ba roma ka taelo ya Jehova; banna bao kaofela e ne e le dihlooho hara bana ba Iseraele.

4. Ke ana mabitso a bona: Lelokong la Rubene, Shammua, mora Sakkure;

5. lelokong la Simeone, Shafathe, mora Hori;

6. lelokong la Juda, Kalebe, mora Jefunne;

7. lelokong la Issaskare, Jigale, mora Josefa;

8. lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune;

9. lelokong la Benjamine, Palthi, mora Rafu;

10. lelokong la Sabulone, Gaddiele, mora Sodi;

11. lelokong la Josefa, e leng leloko la Manasse, Gaddi, mora Susi;