BIBELE e Halalelang

Numere 12:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Jehova a theoha topallong ya leru, a ema monyako wa tente ya pokano, a bitsa Aarone le Miriame; mme bona ba babedi ba tswa.

6. A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.

7. Empa ha ho jwalo le mohlanka wa ka, Moshe; o tshepehile tlung ya ka kaofela;

8. ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?

9. Kgalefo ya Jehova ya ba tukela, mme a tloha.

10. Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.

11. Yaba Aarone o re ho Moshe: Oho, monga ka, ke a o rapela, o se ke wa bea hodima rona sebe seo re se entseng ka bowatla, seo re sitilweng ka sona.

12. Tjhe, a se ke a ba jwaloka lesea le hlahileng le kgathetse, leo nama ya lona nqe nngwe e seng e bodile ha le etswa popelong ya mma lona.

13. Yaba Moshe o hooeletsa ho Jehova, a re: Oho Modimo, ke a o rapela, mo fodise hle!

14. Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.

15. Yaba Miriame o kwallwa kantle ho diahelo matsatsi a supileng; mme setjhaba ha se a ka sa tloha, Miriame a eso ho boele teng.

16. Kamora tseo setjhaba sa tloha Hatserothe, sa tla emisa lefeelleng la Parane.