BIBELE e Halalelang

Numere 12:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Miriame le Aarone ba seba Moshe, bakeng sa mosadi wa Kushe, eo a neng a mo myetse; hobane o ne a nyetse mosadi wa Kushe; ba re:

2. A ruri Jehova o buile ka Moshe feela na? Hleka ha a bue le ka rona na? Jehova a utlwa hoo.

3. Haele Moshe, e ne e le monna ya mosa, ya mosa ho fetisa motho ofe le ofe ya lefatsheng.

4. Hang Jehova a re ho Moshe le Aarone le Miriame: Lona ba bararo, tlohang, le ye tenteng ya pokano. Ba tloha ba bararo, ba ya.

5. Jehova a theoha topallong ya leru, a ema monyako wa tente ya pokano, a bitsa Aarone le Miriame; mme bona ba babedi ba tswa.

6. A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.

7. Empa ha ho jwalo le mohlanka wa ka, Moshe; o tshepehile tlung ya ka kaofela;

8. ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?

9. Kgalefo ya Jehova ya ba tukela, mme a tloha.

10. Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.